5. Ha ho kahosele, haese hore batho ba itshwarelle ka nna, ba etse kgotso le nna, ba etse kgotso le nna.
6. Letsatsi le a tla leo Jakobo a tlang ho mela metso ka lona, Iseraele a hlahise dipalesa le lehlomela, mme ba tla tlatsa lefatshe ka ditholwana tsa bona.
7. Na o re, Jehova o otlile Iseraele ka dikotlo tse kang tseo bahlorisi ba hae ba otlilweng ka tsona, kapa na o mmolaile jwalokaha a bolaile ba mmolaileng na?
8. O mo otlile ka tekanyo, ka ho mo tebela, wa mo hlokola ka moya wa hao o fokang ka matla, o kang wa mohla sefefo sa botjhabela.
9. Ka mokgwa o jwalo, sebe sa Jakobo se lefetswe; ke ena tholwana ya tshwarelo ya sebe sa hae: Jehova o entse majwe kaofela a dialetare jwaloka majwe a kalaka a besitsweng, a silakantsweng, hore diashera le ditshwantsho tsa letsatsi di se ke tsa hlola di tsoswa.
10. Hobane motse o matla o dutse o nnotshi, ke setsha se tlohetsweng, se sebaka jwaloka nahathothe; namane e tla fula teng, e bothe teng, e je dihlahla teng.
11. Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.
12. Empa mehleng eo, Jehova o tla hlohlora ditholwana ho qala ka noka ya Eufrate ho isa molapong wa Egepeta; mme, lona, bana ba Iseraele, le tla tholwa e mong le e mong wa lona.
13. Mehlang eo, terompeta e kgolo e tla letswa, mme ba tebeletsweng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Egepeta, ba tla tla, ba kgumame pela Jehova thabeng e halalelang, Jerusalema.