Esaia 27:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ka letsatsi leo, ka lerumo la hae le thata, le leholo, le matla, Jehova o tla otla leviathane, noha e lebelo, le leviathane, noha e tswedikaneng, a bolaye drakone e lewatleng.

2. Ka tsatsi leo, le nne le bine jwalo hodima morara wa ka o lakatsehang:

3. Ke nna Jehova, ke leng molebedi wa wona, ke o nosetsa ka dinako tsohle, ke o sireletsang bosiu le motshehare, hore o se ke wa senngwa ke letho.

4. Ha ke sa na bohale; leha ho le jwalo, ha nka kgahlana le dibajwa le meutlwa, ke tla lwana le tsona, ke itihele ho tsona, ke di tjhese kaofela ha tsona.

5. Ha ho kahosele, haese hore batho ba itshwarelle ka nna, ba etse kgotso le nna, ba etse kgotso le nna.

Esaia 27