Esaia 25:6-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Thabeng ena, Jehova wa makgotla o tla etsetsa ditjhaba kaofela mokete wa dijo tse hlabosang, mokete wa diveine tse monate tse nkilweng hodima ditshifa, mokete wa dijo tse hlabosang, tsa moko, wa diveine tse nkilweng hodima ditshifa, tse hlwekileng.

7. Thabeng ena o tla tlosa lesira le siretseng batho bohle, le kobo e kwahetseng ditjhaba kaofela.

8. O tla fedisa lefu ka ho sa yeng kae; Morena Jehova o tla fedisa meokgo difahlehong tsohle, a fedise sekgobo sa setjhaba sa hae lefatsheng lohle, hobane Jehova o boletse.

Esaia 25