Esaia 23:4-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Swaba, Sidone, hobane lewatle le a bolela, qhobosheane ya lewatle e re: Ha ke tsebe bohloko ba ho beleha, ha ke a beleha; ha ke a ka ka hodisa bahlankana kapa barwetsana.

5. Etlare ha taba e fihla Egepeta, ba tla thothomela ke ho utlwa taba tsa Tire.

6. Tshelelang Tarshishe! Bokollang, lona ba mabapa le lewatle!

7. Na ke wona motse wa lona wa menyaka, oo ho qala ha wona ho isang mehleng ya boholoholo, oo maoto a wona a neng a o isa hole hore o yo haha teng?

8. Ke mang ya rerileng taba ena hodima Tire, eo e neng e le moabedi wa meqhaka ya borena, eo bahwebi ba hae e neng e le marena, le ba rekang ha hae e leng ba hlomphuwang lefatsheng?

9. Jehova wa makgotla ke yena ya rerileng taba eo, a tla fokotse kganya ya boholo bohle, le ho apesa bohle ba hlomphuwang lefatsheng ka nyatso.

10. O haole ka naha ya hao, jwaloka Nile, wena, moradi wa Tarshishe; ha ho sa le joko e o tlamileng.

11. O otlolletse letsoho la hae hodima lewatle, o sisintse mebuso; Jehova o laetse bakeng sa Kanana, hore ho heletswe diqhobosheane tsa teng.

12. O itse: Ha o sa tla thaba, wena morwetsana ya senyehileng, moradi wa Sidone! Tsoha, o ikele Kittime, o tshelele teng; empa le teng o ke ke wa bona phomolo.

13. Bona naha ya Bakalde! Ha e sa le setjhaba; Baassiria ba e neetse dibatana tsa naha; ba haha ditora tsa bona tsa ntwa, ba heletsa matlo a borena a Kanana, ba a etsa lesupi.

14. Bokollang, lona dikepe tsa Tarshishe, hobane qhobosheane ya lona e senyehile.

15. Mehleng eo, Tire o tla lebalwa ka dilemo tse mashome a supileng, tse lekanang matsatsi a ho phela ha morena a le mong; dilemo tse mashome a supileng ha di fetile, Tire o tla hlahelwa ke taba ya pina ya seotswa, e reng:

Esaia 23