4. ka mokgwa o jwalo, morena wa Assiria o tla ya le ba hapilweng ba Egepeta, le ba hapilweng ba Ethiopia, a ye le ba batjha, le maqheku, ba hlobotse, ba sa rwala dieta, le mokokotlo o le feela, e be dihlong ho Baegepeta.
5. Ba tla tshoha, ba swabe ka baka la Ethiopia eo ba mo tshepileng, le ka baka la Egepeta eo ba ithorisang ka yena.
6. Ba ahileng mabopong ao, ka tsatsi leo ba tla re: Bonang, ba feletse kae bao re ba tshepileng, re mathetseng ho bona ho batla thuso, hore re tle re namolelwe matsohong a morena wa Assiria? Jwale, re tla phonyoha jwang?