Esaia 2:16-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. le dikepe tsohle tsa Tarshishe, le mesebetsi yohle e kgahlisang mahlo.

17. Boikgantsho ba batho bo tla fela, boikgohomoso jwa ba baholo bo kokobetswe; ka letsatsi leo ho tla hodiswa Jehova a nnotshi.

18. Ditshwantsho di tla fella ruri;

19. batho ba tla balehela mafarung a mafika le mesimeng ya lefatshe, ho sutha pela botshabeho ba Jehova le pela kganya ya boholo ba hae, mohla a emang ho thothometsa lefatshe.

20. Mohlang oo, motho o tla lahlela dikgwi ti le bommankgane ditshwantsho tsa hae tsa silefera le tsa kgauta, tseo a neng a iketsetsa tsona hore a di kgumamele;

21. a tle a tshabele dikoting tsa mafika le mafarung a mafika ho sutha pela botshabeho ba Jehova le pela kganya ya boholo ba hae, mohla a emang ho thothometsa lefatshe.

22. Ha ho le jwalo, lesang ho tshepa motho, eo phefumoloho ya hae e leng masobeng a dinko tsa hae; na a ka thusang?

Esaia 2