Esaia 19:4-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Naha ya Egepeta ke tla e neha morena ya thata, e buswe ke morena ya thata: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.

5. Metsi a Nile a tla fela; noka e tla psha, e omelle.

6. Dinokana di tla nkga, meedi ya Egepeta e tla oma, e pshe; lehlaka le tla pona le wona moseme.

7. Makgulo a sikang le noka, a mabopong a noka, le masimo wohle a pela noka a tla omella, a foforehe, a fele.

8. Ba tshwasang dihlapi ba tla lla, bohle ba akgelang selope nokeng ba bokolle, ba dihelang letlowa hodima metsi ba tsielehe.

9. Ba sebetsang ka lene e ntle, le ba lohang masela a masweu, ba tla swaba.

10. Ditshiya tsa naha di tla robeha, bohle ba sebeletsang leruo ba hlomohe pelo.

11. Ruri, baholo ba Tsowane ke mahlanya feela; kelello ya baeletsi ba Faro e fetohile bowatla. Le ka bolela jwang ho Faro, la re: Ke nna mora wa ba bohlale, mora marena a kgale?

12. Ba kae jwale ba bohlale ba hao? Ba fele ba o bolelle, ho tle ho tsejwe seo Jehova wa makgotla a se rerileng hodima Egepeta.

13. Baholo ba Tsowane ba fetohile mahlanya, baholo ba Nofe ba thetsitswe, Egepeta e kgelositswe ke dihlooho tsa meloko ya yona.

14. Jehova o tshetse Egepeta ka moya wa modikwadikwane, hore ba tle ba kgelose Baegepeta diketsong tsa bona kaofela, jwaloka letahwa ha le diadielwa mahlatseng a lona.

Esaia 19