1. Jo! lefatshe la ditseetse e le mose ho dinoka tsa Ethiopia,
2. le romang manqosa lewatleng ka dikepe tsa moseme hodima metsi! Eyang, bahlanka ba lebelo, setjhabeng se boemo bo bolelele, se letlalo le boreledi, setjhaba se tshajwang hole, setjhaba se laolang ka matla, se hatakelang hohle, seo dinoka di kgaolang naha ya sona.
3. Lona kaofela ba ahileng lefatsheng lohle, le lona ba ahileng naheng ena, etlare ha folaga e emisitswe hodima dithaba, le lelale; etlare terompeta ha e letswa, le mamele!
4. Hobane Jehova o mpoleletse, a re: Ke tla itulela, ke tadime ke le nqalong ya bodulo ba ka, motshehare, ha le sele hantle, leha leru la phoka le le teng, ha letsatsi le tjhesa mohla kotulo.