Esaia 17:7-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ka lona tsatsi leo, motho o tla lelalla ho Ya mmopileng, mahlo a hae a tadime ka nqa ho Mohalaledi wa Iseraele.

8. Ha a sa tla hlola a sheba dialetare, tseo e leng mosebetsi wa matsoho a hae, mme ha a sa tla hlola a tadima ho tseo a di bopileng ka menwana ya hae, leha e le diashera, leha e le ditshwantsho tsa letsatsi.

9. Tsatsing leo, metse ya hae ya diqhobosheane e tla ba jwaloka dithako tse merung le dihlorong tsa dithaba, tse siilweng pela bana ba Iseraele ke Bakanana; e tla ba nahathothe.

10. Hobane o lebetse Modimo wa poloko ya hao, ha o a ka wa hopola lefika la qhobosheane ya hao; ke ka baka leo o neng o lemile dirapa tse kgahlisang, wa di hloma e le tsa merara ya mafatshe a mang.

11. Eitse hobane o e hlome wa e etsetsa motero, mme hosasa wa thuntsha dipalesa; empa kotulo e fetohile kotulo ya maqeba a tebileng le ya masisapelo a tshabehang.

Esaia 17