7. Ka baka leo, ho setseng ho bona le tseo ba di bolokileng, ba di isitse mose wane wa molatswana wa meduwane.
8. Hobane mekgosi e potile naha ya Moabe; mehoo ya teng e utlwahala Eglaime, dillo di fihlile Beer-Elime.
9. Metsi a Dimone a tletse madi, hobane ke tla eketsa kotlo ya Dimone, ke ho re, tau e tlang ho bolaya ba phonyohileng ba Moabe le ba setseng naheng ya teng.