Esaia 15:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Boporofeta hodima Moabe: Are-Moabe o patetswe bosiu; o fedile;

2. Kire-Moabe o patetswe bosiu; o fedile. Batho ba teng ba nyolohela tempeleng le Dibone, nqalong tse diphahameng, ho ya lla teng; Bamoabe ba llela Nebo le Medeba, mangetse kaofela a kutilwe, le ditedu di beotswe.

3. Mapatlelong ho ikapesitswe ka masela a mahwashe; hodima matlo le diterateng ke dillo le diboko feela.

4. Metse ya Heshbone le Eleale e a howa, mantswe a yona a utlwahetse ho isa Jahatse; le bona bahale ba Moabe ba phahamisa mantswe a bona, dipelo tsa bona kaofela di a tepella.

Esaia 15