1. Hobane Jehova o tla hauhela Jakobo, o sa tla be a ikgethele Iseraele, a ba ahise lefatsheng la bona; baditjhaba ba tla kopana le bona, ba kgomarele ntlo ya Jakobo.
2. Ditjhaba di tla ba nka, di ba ise lefatsheng la bona; ntlo ya Iseraele e tla di rua naheng ya Jehova, e be bahlanka le makgabunyane a yona; ba tla etsa bafo ka bao ba neng ba entswe bafo ke bona, ba buse bao ba neng ba ba hlorisa.
3. Etlare hobane Jehova a le kgatholle mokgathaleng wa lona, le ditsietsing tsa lona, le kgolehong e thata eo le hlorisitsweng ka yona,
4. le tla ithorisa hodima morena wa Babilona ka sefela, le re:Na mohlorisi o fedile jwang? Botubo ha bo le siyo, ke ka mokgwa o jwang?
5. Jehova o robile lere la ba bolotsana, le molamu wa balaodi,
6. ba neng ba ntse ba otla ditjhaba ka kgalefo, ba neng ba hlola ditjhaba ka bohale, ba ntse ba di hlorisa, ba sa di fe sebaka.