10. Hobane dinaledi tsa lehodimo le Makolobe di ke ke tsa kgantsha lesedi la tsona; letsatsi le tla fifala le sa tjhaba, le yona kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona.
11. Ke tla otla lefatshe ka baka la bobe ba lona, le ba bolotsana ka baka la makgopo a bona, ke tla fedisa boholo ba baikgantshi, ke kokobetse boikgohomoso ba bahlorisi.
12. Ke tla etsa hore banna ba hlokwe ho fetisa kgauta e ntle, ba hlokwe ho fetisa kgauta e hlwekileng ya Ofire.
13. Ke moo ke tla thetherehisa mahodimo, lefatshe le suthe tulong tsa lona ka baka la kgalefo ya Jehova wa makgotla, ka letsatsi la bohale ba hae bo tukang.
14. E mong le e mong o tla ba jwaloka tshepe e tebelwang, le jwaloka mohlape o hlokang modisa, e mong le e mong a lebe ha habo, e mong le e mong a balehele lefatsheng la habo.
15. E mong le e mong ya fumanwang o tla hlajwa ka lerumo, ba tshwarwang ba bolawe ka tjhaka.
16. Bana ba bona ba tla pshatlwa pela mahlo a bona, mesebetsi e matlung a bona e lobelwe, basadi ba bona ba betwe.
17. Bonang, ke tla tsosetsa Babilona Bamede ba sa reng letho ka silefera, ba sa kgahlisweng ke kgauta.
18. Ba tla bolaya ba batjha ka metsu, ba ke ke ba hauhela bana ba sa leng popelong, mahlo a bona a ke ke a utlwela ba anyang bohloko.
19. Babilona, letlotlo la mebuso, kganya ya bokgabane ya Bakalde, o tla ba jwaloka metse ya Sodoma le Gomorra, mohla e senngwang ke Modimo.
20. A ke ke a tsoswa le ka mohla o le mong, batho ba ke ke ba aha teng ho isa mefuteng le mefuta; Baarabe ba ke ke ba hloma ditente tsa bona teng, badisa ba ke ke ba etsa meraka teng.
21. O tla fetoha letsaba la dibatana tsa naha, matlo a teng a tla tlala diphooko, dimpshe di ahe teng, bademona ba tlolake teng.
22. Diphokojwe di tla lla matlung a marena a teng, diphiri di lle matlung a teng a dinyakallo. Nako ya Babilona e se e le haufi, matsatsi a hae a ke ke a eketseha.