Esaia 11:5-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ho loka e tla ba senyepa thekeng la hae, nnete e be leqhama maphakong a hae.

6. Phiri e tla dula le konyana, lengau le bothe le potsanyane; namane le tawana le kgomo e nontshitsweng di tla ba hammoho, di sotetswe ke moshanyana.

7. Sethole sa kgomo le sa bere di tla fula hammoho, manamane a tsona a robale hammoho; tau e tla fula jwang jwaloka kgomo.

8. Lesea le anyang le tla ipapalla mosimeng wa marabe, ngwana ya kgweswang a kenye letsoho lefarung la qowane.

9. Mme ha ho sa tla etswa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngwa thabeng yohle e halalelang ya ka, hobane lefatshe le tla tlala tsebo ya Jehova, jwalokaha metsi a aparetse lewatle.

10. Mohlang oo, lehlomela la Jese le tla emisetswa ditjhaba ka mokgwa wa folaga; ditjhaba di tla le batla, nqalo ya ho phomola ha lona e tla ba kganya feela.

11. Hape, mohlang oo, Morena o tla boela a otlolle letsoho la hae hape la bobedi ho lopolla masala a setjhaba sa hae a siilweng naheng ya Assiria, le Egepeta, le Pathrose, le Ethiopia, le Elame, le Shineare, le Hamathe, le dihlekehlekeng tsa lewatle.

Esaia 11