Esaia 10:4-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Ha ho a sala letho haese ho kokobetswa hara ba tlamilweng; ba tla wa hara ba bolailweng. Leha ho le jwalo, bohale ba hae bo ke ke ba kgutla, le letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.

5. Ho madimabe Assiria, thupa ya bohale ba ka, leha ke beile molamu wa kgalefo ya ka matsohong a hae!

6. Ke mo rometse ho lwantsha setjhaba se kgopo, ke mo laetse ho ya lwantsha setjhaba seo ke se halefetseng, a tle a hape dintho tsa sona, a rue letlotlo, a se hatakele jwaloka diretse tsa mmila.

7. Empa yena ha a lemohe hobane ho dutse jwalo, ha a lemohe pelong ya hae hobane ho jwalo, empa se ka pelong ya hae ke ho senya le ho fedisa ditjhaba tse ngata.

8. Hobane o re: Matona a ka na hase marena kaofela a tsona na?

9. Ha ke re, Kalno o sentswe jwaloka Karkemishe, le Hamathe jwaloka Arpade, le Samaria jwaloka Damaseka na?

10. Jwalokaha letsoho la ka le ile ho fihla mebusong ya medimo, leha ditshwantsho tsa yona di ne di fetisa tsa Jerusalema le tsa Samaria,

11. na nke ke ka etsa Jerusalema le medimo ya hae jwalokaha ke entse Samaria le ditshwantsho tsa hae na?

12. Etlare hobane Morena a qete mosebetsi wohle wa hae thabeng ya Sione le Jerusalema, ke tla otla morena wa Assiria ka baka la ditholwana tsa boikgohomoso ba pelo ya hae, le ka baka la boikgantsho ba mahlo a hae.

Esaia 10