27. Mehleng eo, boima ba Assiria bo tla tloswa lehetleng la hao, le joko ya hae molaleng wa hao, joko e robehe ka baka la ho nona ha hao.
28. Jo! Assiria o se a le Ajathe, o feta ka Migrone, o siya diphahlo tsa hae Mikmashe.
29. O se a fetile ka lekgalo; bosiu o bo hlola Geba; ba Rama ba tshohile, ba Gibea-Saule ba balehile.
30. Wena moradi wa Gallime, o bokolle; Laishe, iponele; Anathothe, o madimabe!
31. Ba Madmena ba qhalane, ba ahileng Gebime ba baleha ka dintho tsa bona.
32. Ka lona letsatsi lena o se a tla fihla Nobe, mme ka letsoho la hae o tla supa thaba ya moradi wa Sione, leralla la Jerusalema.
33. Bonang, Morena, Jehova wa makgotla, o tla roba makala a sefate seo ka matla a maholo, a matenya a tla rengwa, a phahamileng a kokobetswe.
34. O tla rema boteteano ba moru ka tshepe, Lebanone o tla dihuwa ke Ya matla.