Eksoda 8:15-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Empa eitse ha Faro a bona hobane ho kgaoditswe, a ithatafatsa pelo, a se ke a ba mamela, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

16. Yaba Jehova o re ho Moshe: Ere ho Aarone: Emisa lere la hao, o otle lerole la lefatshe, le tle le fetohe dinta naheng yohle ya Egepeta.

17. Yaba ba etsa jwalo, mme Aarone a otlolla letsoho la hae, a tshwere lere la hae, a otla lerole la lefatshe, la fetoha dinta ho batho, le ho diphoofolo; lerole kaofela la lefatshe la fetoha dinta naheng yohle ya Egepeta.

18. Dingaka le tsona tsa leka ho etsa jwaloka boupelli ba tsona, hore, di hlahise dinta, empa tsa sitwa; dinta tsa eba teng ho batho le ho diphoofolo.

19. Yaba dingaka di re ho Faro: Ke monwana wa Modimo. Leha ho le jwalo, pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

20. Yaba Jehova o re ho Moshe: Tsohela ka meso, o ye ho ema pela Faro; o tla mmona ha a tswela metsing; o re ho yena: Ho thwe ke Jehova: Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.

21. Hobane ekare ha o hana ho lokolla setjhaba sa ka, bona, ke tla romela menwang ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, le matlung a hao; matlo a Baegepeta a tla tlala menwang, le mobu oo ba emeng hodima wona.

Eksoda 8