Eksoda 7:5-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Baegepeta ba tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke otlolla letsoho la ka hodima Egepeta, ke ntsha bana ba Iseraele mahareng a bona.

6. Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laelang kateng; ba fela ba etsa jwalo.

7. Moshe o ba a na le dilemo tse mashome a robileng meno e mmedi, Aarone a na le tse mashome a robileng meno e mmedi a metso e meraro, mohla ba buang le Faro.

8. Jehova a bolella Moshe le Aarone, a re:

9. Etlere ha Faro a le bolella, a re: Etsang mohlolo; o tle o re ho Aarone: Nka lere la hao, o le lahlele pela Faro, mme le tla fetoha noha.

10. Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba etsa kamoo Jehova a ba laetseng kateng; Aarone a lahlela lere la hae fatshe pela Faro le pela bahlanka ba hae, mme la fetoha noha.

11. Yaba Faro o bitsa dingaka le baupelli, mme le bona, ka ha e ne e le bahlalefi ba Egepeta, ba etsa jwaloka boupelli ba bona.

12. E mong le e mong a lahlela lere la hae, mme mare a fetoha dinoha, empa lere la Aarone la kwenya mare a bona.

13. Empa pelo ya Faro ya thatafala, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

14. Jehova a re ho Moshe: Pelo ya Faro e thatafetse, o hana ho lokolla setjhaba.

15. Eya ho Faro ka hosasane; bona, o tla tswa ho ya metsing; o mo emele lebopong la noka ha a etla, o tshwere ka letsohong la hao lere le neng le fetohe noha;

16. o re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o nthomile ho wena, a re: Tlohela setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa lefeelleng; ke mona ho fihlela jwale, ha o eso ho utlwe.

17. Ho thwe ke Jehova: O tla tseba ka hona hoba ke nna Jehova: Ke tla otla metsi a noka ka lere le letsohong la ka, mme a tla fetoha madi.

18. Dihlapi tse nokeng di tla shwa, noka e be sebodu, mme Baegepeta ba tla nyonya ho nwa metsi a noka.

Eksoda 7