4. Faro ha a ka ke a le utlwa, mme ke tla bea letsoho la ka hodima Egepeta, ke ntshe makgotla a ka, e leng setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, lefatsheng la Egepeta ka dikahlolo tse kgolo.
5. Baegepeta ba tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke otlolla letsoho la ka hodima Egepeta, ke ntsha bana ba Iseraele mahareng a bona.
6. Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laelang kateng; ba fela ba etsa jwalo.
7. Moshe o ba a na le dilemo tse mashome a robileng meno e mmedi, Aarone a na le tse mashome a robileng meno e mmedi a metso e meraro, mohla ba buang le Faro.
8. Jehova a bolella Moshe le Aarone, a re:
9. Etlere ha Faro a le bolella, a re: Etsang mohlolo; o tle o re ho Aarone: Nka lere la hao, o le lahlele pela Faro, mme le tla fetoha noha.
10. Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba etsa kamoo Jehova a ba laetseng kateng; Aarone a lahlela lere la hae fatshe pela Faro le pela bahlanka ba hae, mme la fetoha noha.
11. Yaba Faro o bitsa dingaka le baupelli, mme le bona, ka ha e ne e le bahlalefi ba Egepeta, ba etsa jwaloka boupelli ba bona.
12. E mong le e mong a lahlela lere la hae, mme mare a fetoha dinoha, empa lere la Aarone la kwenya mare a bona.
13. Empa pelo ya Faro ya thatafala, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.
14. Jehova a re ho Moshe: Pelo ya Faro e thatafetse, o hana ho lokolla setjhaba.
15. Eya ho Faro ka hosasane; bona, o tla tswa ho ya metsing; o mo emele lebopong la noka ha a etla, o tshwere ka letsohong la hao lere le neng le fetohe noha;
16. o re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o nthomile ho wena, a re: Tlohela setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa lefeelleng; ke mona ho fihlela jwale, ha o eso ho utlwe.