Eksoda 7:13-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Empa pelo ya Faro ya thatafala, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

14. Jehova a re ho Moshe: Pelo ya Faro e thatafetse, o hana ho lokolla setjhaba.

15. Eya ho Faro ka hosasane; bona, o tla tswa ho ya metsing; o mo emele lebopong la noka ha a etla, o tshwere ka letsohong la hao lere le neng le fetohe noha;

16. o re ho yena: Jehova, Modimo wa Baheberu, o nthomile ho wena, a re: Tlohela setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa lefeelleng; ke mona ho fihlela jwale, ha o eso ho utlwe.

17. Ho thwe ke Jehova: O tla tseba ka hona hoba ke nna Jehova: Ke tla otla metsi a noka ka lere le letsohong la ka, mme a tla fetoha madi.

18. Dihlapi tse nokeng di tla shwa, noka e be sebodu, mme Baegepeta ba tla nyonya ho nwa metsi a noka.

19. Jehova a re ho Moshe: Ere ho Aarone: Nka lere la hao, o otlolle letsoho la hao hodima metsi a Egepeta, hodima melatswana ya bona, le dinoka tsa bona, hodima matsha le metsi wohle a bona a emeng, a tle a fetohe madi; madi a be teng naheng yohle ya Egepeta, dinkgong tsa mahong le tsa majwe.

20. Yaba Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laetseng kateng; a emisa lere la hae, a otla metsi a noka pontsheng ya Faro le pontsheng ya bahlanka ba hae; mme metsi kaofela a noka a fetoha madi.

21. Dihlapi tse nokeng tsa eshwa, noka ya eba sebodu, mme Baegepeta ba sitwa ho nwa metsi a noka; mme madi a eba teng naheng yohle ya Egepeta.

22. Dingaka tsa Egepeta tsa etsa jwalo le tsona ka boupelli ba tsona; mme pelo ya Faro ya thatafala hore a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

23. Faro a kgutla, a ya ka tlung ya hae; taba ena ha a ka a e ela hloko.

24. Baegepeta kaofela ba tjheka mathokong a noka, ho batla metsi a nowang, hobane ba ne ba sitwa ho nwa metsi a noka.

25. Ha feta matsatsi a supileng hobane Jehova a otle noka.

Eksoda 7