Eksoda 7:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jehova a re ho Moshe: Bona, ke o beile Modimo ho Faro, mme Aarone moholwane wa hao, e tla ba moporofeta wa hao.

2. O tla pheta tsohle tseo ke o laelang tsona, mme Aarone, moholwane wa hao, o tla bolella Faro, a tle a lesele bana ba Iseraele ba tswe lefatsheng la hae.

3. Mme nna, ke tla thatafatsa pelo ya Faro, ke atise dipontsho tsa ka le dimakatso tsa ka naheng ya Egepeta.

4. Faro ha a ka ke a le utlwa, mme ke tla bea letsoho la ka hodima Egepeta, ke ntshe makgotla a ka, e leng setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, lefatsheng la Egepeta ka dikahlolo tse kgolo.

5. Baegepeta ba tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke otlolla letsoho la ka hodima Egepeta, ke ntsha bana ba Iseraele mahareng a bona.

6. Moshe le Aarone ba etsa kamoo Jehova a ba laelang kateng; ba fela ba etsa jwalo.

7. Moshe o ba a na le dilemo tse mashome a robileng meno e mmedi, Aarone a na le tse mashome a robileng meno e mmedi a metso e meraro, mohla ba buang le Faro.

8. Jehova a bolella Moshe le Aarone, a re:

9. Etlere ha Faro a le bolella, a re: Etsang mohlolo; o tle o re ho Aarone: Nka lere la hao, o le lahlele pela Faro, mme le tla fetoha noha.

10. Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba etsa kamoo Jehova a ba laetseng kateng; Aarone a lahlela lere la hae fatshe pela Faro le pela bahlanka ba hae, mme la fetoha noha.

11. Yaba Faro o bitsa dingaka le baupelli, mme le bona, ka ha e ne e le bahlalefi ba Egepeta, ba etsa jwaloka boupelli ba bona.

12. E mong le e mong a lahlela lere la hae, mme mare a fetoha dinoha, empa lere la Aarone la kwenya mare a bona.

13. Empa pelo ya Faro ya thatafala, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

Eksoda 7