Eksoda 6:7-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ke tla inkela lona le be setjhaba sa ka, ke be Modimo wa lona, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le jarollang boima ba Baegepeta.

8. Ke tla le isa naheng eo ke emisitseng letsoho la ka, ka re, ke tla e nea Abrahama le Isaaka le Jakobo; ke tla le nea yona, e be lefa la lona; ke nna Jehova.

9. Moshe a bolela jwalo ho bana ba Iseraele, empa ha ba ka ba mamela Moshe ka baka la bohloko ba pelo le la bokgoba bo thata.

10. Jehova a bua le Moshe, a re:

11. Eya, o bolelle Faro, morena wa Egepeta, hore a lesele bana ba Iseraele ba tswe naheng ya hae.

12. Moshe a bua pela Jehova, a re: Bona, bana ba Iseraele ha ba ka ba nkutlwa, mme Faro a ka nkutlwa jwang, nna ke leng motho ya molomo o thata?

13. Jehova a bua le Moshe le Aarone, a ba nea molaetsa ho bana ba Iseraele le ho Faro, morena wa Egepeta, ho ntsha bana ba Iseraele lefatsheng la Egepeta.

Eksoda 6