19. Ke moo balaedi ba bana ba Iseraele ba boneng hoba ba dutse bothateng, ha ho thwe: Le se ke la qephisa palo ya setene sa lona sa tsatsi le leng le le leng.
20. Ba teana le Moshe le Aarone, ba eme ba ba lebeletse ha ba etswa ho Faro;
21. ba re ho bona: Jehova a le tadime, mme a re ahlolele, haele mona le re entse sebodu mahlong a Faro le mahlong a bahlanka ba hae, mme le ba neile lerumo la ho re bolaya.
22. Yaba Moshe o kgutlela ho Jehova, a re: Morena, ke ka baka lang ha o entse setjhaba sena hampe? Ke ka baka lang ha o nthomile?
23. Hobane haesale ke eya ho Faro, ke bua ka lebitso la hao, o entse setjhaba sena hampe, le ho lwela setjhaba sa hao ha o a se lwela.