Eksoda 40:10-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. Hape, o tlotse aletare ya ditjheso le mesebetsi yohle ya yona, mme o kgethe aletare; aletare e tla ba ntho e halalelang haholo.

11. O tlotse le morifi le sedulwana sa oona, o o kgethe.

12. O ntoo atametsa Aarone le bara ba hae monyako wa tente ya pokano, o ba hlatswe ka metsi.

13. O be o apese Aarone ka diaparo tse kgethehileng, o mo tlotse, o mo kgethe, hore a tle a etse mosebetsi wa boprista pela ka.

14. O atametse le bara ba hae, o ba apese dikojwana,

15. o ba tlotse, jwalokaha o tlotsitse ntata bona, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka; mme tlolo ya bona ho bona e tla ba boprista ba kamehla, melokong ya bona.

16. Moshe a etsa jwalo; a etsa tsohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.

Eksoda 40