2. Jehova a re ho yena: Keng eo e letsohong la hao? A re: Ke lere.
3. A re: Le lahlele fatshe. A le lahlela fatshe; yaba le fetoha noha, mme a baleha pela yona.
4. Jehova a re ho Moshe: Nanabetsa letsoha la hao, o e tshware ka mohatla. Yaba o nanabetsa letsoho la hae, a e tshwara, mme ya boela ya fetoha lere seatleng sa hae.
5. Ke hore ba tle ba kgolwe hobane Jehova, Modimo wa bontata bona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o iponahaditse ho wena.
6. Jehova a eketsa a re ho yena: Ako kenye letsoho la hao sefubeng sa hao. A kenya letsoho la hao sefubeng sa hae; eitse ha a le ntsha, a bona letsoho la hae le le jwaloka lehlwa ke lepera.
7. Yaba o re: Busetsa letsoho la hao sefubeng sa hao. A busetsa letsoho la hao sefubeng sa hae; a bona le boetse le le jwaloka nama ya hae.
8. Etlare ha ba sa o dumele, mme ba sa utlwe puo ya pontsho ya pele, ba tla kgolwa ke puo ya pontsho ya bobedi.
9. Ekare ha ba sa kgolwe le ke dipontsho tsena tse pedi, mme ba sa utlwe lentswe la hao, o tla nka metsi a noka, o a tshollele fatshe, mme metsi ao o a kgileng nokeng a tla fetoha madi hodima lefatshe.