32. Tsohle tsa tshebetso ya tabernakele, e leng tente ya pokano, tsa phethwa jwalo, mme bana ba Iseraele ba etsa ka tsohle tseo Jehova a di laetseng Moshe; ba etsa jwalo.
33. Yaba Moshe o tlisetswa tabernakele, le tente le mesebetsi yohle ya yona, le dikgoketsane tsa yona, le dipolanka tsa yona, le maballo a yona, le ditshiya tsa yona, le didulwana tsa yona;
34. le sekgurumetso sa matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, le sekgurumetso sa matlalo a diqibi, le lesira le homilweng le kgaolang;
35. le areka ya bopaki le mejaro ya yona, le sekwahelo,
36. le tafole, le mesebetsi yohle ya yona, le mahobe a pontsha;
37. le kandelare ya kgauta e hlwekileng ka dilampi tsa yona, e leng dilampi tse lokiseditsweng yona, le mesebetsi yohle ya yona le ole ya ho bonesa;
38. le aletare ya kgauta, le ole ya setlolo le dibano tse monko o monate, le lesela le homilweng la monyako wa tente;
39. le aletare ya koporo le rostere ya koporo ya yona, le mejaro ya yona le mesebetsi yohle ya yona; le morifi le sedulwana sa wona;
40. le masela a lepeletseng a lebala, le ditshiya tsa lona, le didulwana tsa lona, le lesela le homilweng la monyako wa lebala, le mehala ya lona, le dithakgisa tsa lona, le mesebetsi yohle ya tshebetso ya tabernakele, le ya tente ya pokano.