15. Ha etswa mejaro ya sefate sa leoka, ya manehwa ka kgauta, ho jara tafole.
16. Ha etswa le mesebetsi e bewang tafoleng, e leng mafiso a yona, le mehope ya yona, le dinkgwana tsa yona, le merifi ya yona ya ho etsa ditshelo; tsa etswa ka kgauta e hlwekileng.
17. Ha etswa le kandelare ya kgauta e hlwekileng: Kandelare ya etswa ka kgauta e teilweng; leoto la yona, le kutu ya yona, le meritshwana ya yona, le dinoko tsa yona, le dipalesa tsa yona, e ne e le ntho e le nngwe le yona.
18. Ho ne ho etswa makala a tsheletseng mahlakoreng a yona; makala a mararo a kandelare a ne a etswa lehlakoreng le leng la yona, a mang makala a mararo a ne a etswa lehlakoreng le leng la yona.
19. Ha etswa meritshwana e meraro e kang amanda, le sonoko le palesa lekaleng le leng; ha etswa hape meritshwana e meraro e kang amanda le senoko le palesa lekaleng le leng; ha etswa jwalo makaleng a tsheletseng a tswang kandelareng.
20. Ho yona kandelare, ho ne ho ena le meritshwana e mene e kang amanda, le dinoko tsa yona le dipalesa tsa yona;
21. senoko se le teng tlasa makala a mabedi a tswang kandelareng, senoko se seng se le teng tlasa makala a mabedi a tswang kandelareng; ho le jwalo makaleng a tsheletseng a tswang kandelareng.
22. Dinoko le makala e ne e le ntho e le nngwe le yona, mme yona e le ntho e le nngwe hammoho e entsweng ka kgauta e hlwekileng, e teilweng.
23. Ha etswa dilampi tsa yona tse supileng, le matlawana a yona, le dipitsana tsa yona tsa melora tsa kgauta e hlwekileng.
24. Hammoho le mesebetsi yohle ya yona, ya etswa ka talenta ya kgauta e hlwekileng.
25. Ha etswa le aletare ya dibano ka sefate sa leoka; bolelele ba yona e le setswe se le seng, bophara ba yona e le setswe se le seng; e ne e le mahlakore a mane a lekanang; bophahamo ba yona ya eba ditswe tse pedi; manaka a yona a tswile ho yona.
26. Ya manehwa ka kgauta e hlwekileng, kahodimo le kahohle mahlakoreng le manakeng; ya etsetswa mofapo wa kgauta o e potolohang.
27. Ya etsetswa le mehwele e mmedi ya kgauta tlasa mofapo, mahlakoreng a yona a mabedi, le mahlakoreng a mang a mabedi, ya ho kenya mejaro, hore e tle e jarwe ka yona.
28. Ha etswa mejaro ya sefate sa leoka, mme ya manehwa ka kgauta.
29. Hape, ha etswa ole ya setlolo e kgethehileng, le dibano tse hlwekileng tse monko o monate, ka mokgwa wa motswaki wa tse nkgang hamonate.