Eksoda 37:14-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Mehwele e ne e le haufi le moqhaka, ho kenya mejaro ya ho jara tafole.

15. Ha etswa mejaro ya sefate sa leoka, ya manehwa ka kgauta, ho jara tafole.

16. Ha etswa le mesebetsi e bewang tafoleng, e leng mafiso a yona, le mehope ya yona, le dinkgwana tsa yona, le merifi ya yona ya ho etsa ditshelo; tsa etswa ka kgauta e hlwekileng.

17. Ha etswa le kandelare ya kgauta e hlwekileng: Kandelare ya etswa ka kgauta e teilweng; leoto la yona, le kutu ya yona, le meritshwana ya yona, le dinoko tsa yona, le dipalesa tsa yona, e ne e le ntho e le nngwe le yona.

18. Ho ne ho etswa makala a tsheletseng mahlakoreng a yona; makala a mararo a kandelare a ne a etswa lehlakoreng le leng la yona, a mang makala a mararo a ne a etswa lehlakoreng le leng la yona.

19. Ha etswa meritshwana e meraro e kang amanda, le sonoko le palesa lekaleng le leng; ha etswa hape meritshwana e meraro e kang amanda le senoko le palesa lekaleng le leng; ha etswa jwalo makaleng a tsheletseng a tswang kandelareng.

20. Ho yona kandelare, ho ne ho ena le meritshwana e mene e kang amanda, le dinoko tsa yona le dipalesa tsa yona;

21. senoko se le teng tlasa makala a mabedi a tswang kandelareng, senoko se seng se le teng tlasa makala a mabedi a tswang kandelareng; ho le jwalo makaleng a tsheletseng a tswang kandelareng.

22. Dinoko le makala e ne e le ntho e le nngwe le yona, mme yona e le ntho e le nngwe hammoho e entsweng ka kgauta e hlwekileng, e teilweng.

Eksoda 37