10. Ha etswa le tafole ya sefate sa leoka, bolelele ba yona e le ditswe tse pedi, bophara ba yona e le setswe se le seng, bophahamo ba yona e le setswe se nang le halofo.
11. Ya menehwa ka kgauta e hlwekileng, mme ya etsetswa mofapo wa kgauta o e potolohang.
12. Hape, ya etsetswa moqhaka o bophara ba seatla o e potolohang; ya etsetswa mofapo wa kgauta o potang moqhaka wa yona.
13. Ya tshollelwa mehwele e mene ya kgauta; mehwele ya bewa dintlheng tse nne tse maotong a mane a yona.
14. Mehwele e ne e le haufi le moqhaka, ho kenya mejaro ya ho jara tafole.
15. Ha etswa mejaro ya sefate sa leoka, ya manehwa ka kgauta, ho jara tafole.