31. Hape, ha etswa maballo a sefate sa leoka, ha etswa a le mahlano dipolankeng tsa lehlakore le leng la tabernakele;
32. hape, maballo a eba mahlano lehlakoreng la bobedi la tabernakele; le motsheo ka nqa bophirimela, maballo a eba mahlano dipolankeng tsa tabernakele.
33. Ha etswa le leballo le mahareng, ho tiisa dipolanka mahareng a tsona le ho di kopanya.
34. Dipolanka tsa manehwa ka kgauta, le mehwele ya tsona ya etswa ka kgauta, mme tsa kenngwa maballo a tsona; le wona maballo a manehwa ka kgauta.
35. Yaba ho etswa lesira la purepera le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng, ka mokgwa wa mosebetsi o homilweng ka dikerubime;
36. la etsetswa tshiya tse nne tsa sefate sa leoka, mme tsa manehwa ka kgauta; tsa eba le dikgoketsane tsa kgauta, mme tsa tshollelwa didulwana tse ne tsa silefera.