17. Ha etswa mahokelo a mashome a mahlano mophethong wa lesela le ntlheng ya masela a mang a rokeletsweng hammoho; hape, ha etswa mahokelo a mashome a mahlano mophethong wa lesela le qetellang masela a mang a rokeletsweng hammoho.
18. Hape, ha etswa dikgoketsane tsa koporo ho kopanya tente, hore e etse ntho e le nngwe.
19. Tente ya etsetswa sekgurumetso sa matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu; le sona sa apeswa ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi.
20. Ha etswa dipolanka tsa tabernakele ka fate tsa leoka, hore e tsebe ho ema;
21. bolelele ba polanka ya eba ditswe tse leshome, bophara ba polanka ya eba setswe se nang le halofo.
22. Polanka e nngwe le e nngwe ya etsetswa dimapo tse pedi tse bapileng. Dipolanka tsohle tsa tabernakele tsa etswa jwalo le tsona.
23. Ha etswa dipolanka tsa tabernakele tse mashome a mabedi ka nqa borwa;
24. ha etswa didulwana tsa silefera tse mashome a mane, tsa bewa tlasa dipolanka tse mashome a mabedi; polanka e le nngwe ya eba le didulwana tse pedi le dimapo tse pedi tsa tsona, mme polanka e nngwe ya eba le didulwana tse pedi le dimapo tse pedi tsa tsona.
25. Lehlakore la bobedi la tabernakele, le ka nqa leboya, la etsetswa dipolanka tse mashome a mabedi,
26. le didulwana tsa tsona tsa silefera tse mashome a mane; polanka e nngwe ya eba le didulwana tse pedi, e nngwe hape polanka ya eba le didulwana tse pedi.
27. Haele motseo wa tabernakele, ka nqa bophirimela, wa etsetswa dipolanka tse tsheletseng.
28. Le dikgutlo tsa tabernakele tse motsheo, tsa etsetswa dipolanka tse pedi.