Eksoda 35:21-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Motho ka mong ya eleditsweng ke pelo ya hae le bohle ba pelo di ithatetseng, ba fihla ba tlisetsa Jehova dikabelo ho sebetsa tente ya pokano, le tsohle tsa tshebeletso ya yona, le diaparo tse kgethehileng.

22. Banna ba tla ba ena le basadi; bohle ba pelo tse ithatetseng ba tlisa dihaka, le masale, le ditona, le mefitshana, le mesebetsi e meng ya kgauta ya mefutafuta; motho ka mong a hlahisa mpho ya kgauta eo a e hlahisetsang Jehova.

23. E mong le e mong ya neng a ena le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle, le boya ba podi, le matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, le matlalo a diqibi, ba di tlisa.

24. Mang le mang ya ntshitseng karolo ya silefera le ya koporo e aroletsweng Jehova, a tlisa karolo e abetsweng Jehova: le bohle ba neng ba ena le difate tsa leoka tsa ho sebetsa mesebetsi ya tshebetso, ba di tlisa.

25. Basadi bohle ba masene ba loha ka matsoho a bona, mme ba tlisa seo ba se lohileng, e le purepera, sekarelata, le krimsone, le lene e ntle.

26. Basadi bohle ba eleditsweng ke pelo tsa bona, ba masene, ba loha boya ba podi.

27. Haele marenana, a tlisa mahakwe a onikse, le mahakwe a kenngwang dikoomaneng a efoda le a mokgajwana;

28. le dibano, le ole ya ho bonesa, le ole ya setlolo, le ya dibano tse monko o monate.

29. Bana ba Iseraele bohle le basadi bohle ba ithatetseng ho tlisa ntho tsa mosebetsi wohle oo Jehova a neng a laetse ka Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Jehova dikabelo tsa boithatelo.

30. Yaba Moshe o re ho bana ba Iseraele: Bonang, Jehova o bitsitse ka lebitso la hae Betsaleele, mora Uri, mora Hure, wa leloko la Juda;

31. o mo tlatsitse ka moya wa Modimo, ka bohlale le ka kutlwisiso, le ka tsebo ya ho etsa mesebetsi yohle,

Eksoda 35