19. le diaparo tsa ho etsa tshebeletso sehalalelong, e leng diaparo tse kgethehileng tsa Aarone moprista, le diaparo tsa bara ba hae, tsa ho etsa mosebetsi wa boprista.
20. Yaba phutheho yohle ya bana ba Iseraele e tloha ho Moshe.
21. Motho ka mong ya eleditsweng ke pelo ya hae le bohle ba pelo di ithatetseng, ba fihla ba tlisetsa Jehova dikabelo ho sebetsa tente ya pokano, le tsohle tsa tshebeletso ya yona, le diaparo tse kgethehileng.
22. Banna ba tla ba ena le basadi; bohle ba pelo tse ithatetseng ba tlisa dihaka, le masale, le ditona, le mefitshana, le mesebetsi e meng ya kgauta ya mefutafuta; motho ka mong a hlahisa mpho ya kgauta eo a e hlahisetsang Jehova.
23. E mong le e mong ya neng a ena le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle, le boya ba podi, le matlalo a dipheleu a tlotsitsweng ka bofubedu, le matlalo a diqibi, ba di tlisa.
24. Mang le mang ya ntshitseng karolo ya silefera le ya koporo e aroletsweng Jehova, a tlisa karolo e abetsweng Jehova: le bohle ba neng ba ena le difate tsa leoka tsa ho sebetsa mesebetsi ya tshebetso, ba di tlisa.
25. Basadi bohle ba masene ba loha ka matsoho a bona, mme ba tlisa seo ba se lohileng, e le purepera, sekarelata, le krimsone, le lene e ntle.
26. Basadi bohle ba eleditsweng ke pelo tsa bona, ba masene, ba loha boya ba podi.
27. Haele marenana, a tlisa mahakwe a onikse, le mahakwe a kenngwang dikoomaneng a efoda le a mokgajwana;
28. le dibano, le ole ya ho bonesa, le ole ya setlolo, le ya dibano tse monko o monate.
29. Bana ba Iseraele bohle le basadi bohle ba ithatetseng ho tlisa ntho tsa mosebetsi wohle oo Jehova a neng a laetse ka Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Jehova dikabelo tsa boithatelo.
30. Yaba Moshe o re ho bana ba Iseraele: Bonang, Jehova o bitsitse ka lebitso la hae Betsaleele, mora Uri, mora Hure, wa leloko la Juda;
31. o mo tlatsitse ka moya wa Modimo, ka bohlale le ka kutlwisiso, le ka tsebo ya ho etsa mesebetsi yohle,
32. leha e le ho qapa e meng, le ho e etsa ka kgauta, le silefera, le koporo;
33. le ho betla mahakwe a kenngwang dikoomaneng, le ho betla difate, le ho etsa mesebetsi yohle e ka qapuwang.
34. O mo lemositse ho ruta ba bang; ho jwalo le bakeng sa Oholiabe, mora Akisamake, wa leloko la Dane.
35. O ba tlatsitse ka bohlale, hore ba tle ba sebetse mesebetsi yohle e sebetswang ke dibetli, le diqapi, le dihomi tsa purepera le sekarelata le krimsone le lene e ntle, le dilohi, hore ho etswe mesebetsi yohle e ka sebetswang le e ka qapuwang.