1. Yaba Moshe o bokella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, a re ho bona: Ke tsena ditaba tseo Jehova a laetseng ho di etsa.
2. Ho tla sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, mme letsatsi la bosupa ho lona e tla ba Sabatha ya phomolo e kgethetsweng Jehova; mang le mang ya ka etsang mosebetsi tsatsing leo, o tla bolawa.
3. Le se ke la besa mollo matlung wohle a lona ka tsatsi la Sabatha.
4. Moshe a bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, a re: Se laetsweng ke Jehova ke sena: