8. Moshe a phakisa a inamela fatshe, a kgumama,
9. a re: Morena, ha ke fela ke bone mohau ho wena, Morena a ke a tsamaye hle le rona. Ho jwalo ruri, ke setjhaba se melala e sataletseng; o mpe o re tshwarele makgopo a rona le dibe tsa rona, mme o re nke, re be lefa la hao.
10. Jehova a araba, a re: Bona, ke hlaba selekane; ke tla etsa, pontsheng ya setjhaba sa hao kaofela, mehlolo e sa kang ya etswa kae le kae lefatsheng, leha e le tjhabeng sefe le sefe; setjhaba sohle seo o leng hara sona, se tla bona mosebetsi wa Jehova oo ke tla o sebetsa ka wena, hoba ke o tshabehang hakakang.
11. Seo ke o laelang sona kajeno o se ele hloko; bona, ke se ke tla leleka pela hao Baamore, le Bakanana, le Bahethe, le Baferese, le Bahefe, le Bajebuse.
12. O tle o iponele, esere mohlomong wa etsa selekane le ba ahileng fatsheng leo o tla fihla ho lona, ba tle ba se ke ba o fetohela leraba.
13. Le mpe le qhaqhe dialetare tsa bona, le robake ditshwantsho tsa bona, le tlose diashera tsa bona;
14. hobane ha o na ho kgumamela modimo osele, etswe Jehova a bitswa ya boulelang; ke Modimo o boulelang;
15. o se ke wa etsa selekane le baahi ba fatshe leo, esere, ha o feba le medimo ya bona, mme o hlabela medimo ya bona, ba o biletsa ho tla ja nama tsa mahlabelo a bona,
16. mme wa nkela bara ba hao baradi ba bona, yaba baradi ba bona, ka ho feba le medimo ya bona, ba febisa le bara ba lona le medimo ya bona.