Eksoda 34:30-32 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Mme Aarone le bana ba Iseraele kaofela ha ba tadima Moshe, ba bona letlalo la sefahleho sa hae le kganya, mme ba tshaba ho mo atamela.

31. Moshe a ba bitsa. Yaba Aarone le marenana wohle a phutheho ba kgutlela ho yena, mme Moshe a bua le bona.

32. Kamora tseo, bana ba Iseraele bohle ba atamela; a ba laela taba tsohle tseo Jehova a mmoleletseng tsona thabeng ya Sinai.

Eksoda 34