24. Hobane ke fela ke tla falatsa ditjhaba pela hao, ke atolose meedi ya hao, mme ha ho motho ya tla lakatsa fatshe la heno, mohla o nyolohang hararo ka selemo, ho ya hlaha pela Jehova, Modimo wa hao.
25. O se ke wa hlahisa madi a sehlabelo sa ka a ena le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa hloha bosiu ho bolokelwa hosasane.
26. O tla tlisa tlung ya Jehova, Modimo wa hao, dilopotsiya tsa dithakangwaha tsa masimo a hao.O se ke wa hladiya potsanyane ka lebese la mma yona.
27. Hape, Jehova a re ho Moshe: Ngola mantswe ana, hobane ke entse selekane le wena le Iseraele ka mantswe ana.
28. Moshe a ba le Jehova matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a sa je bohobe, a sa nwe metsi; a ngola matlapeng mantswe a selekane, e leng mantswe a leshome.
29. Eitse ha Moshe a theoha thabeng ya Sinai, a theoha thabeng a tshwere matlapa a mabedi a bopaki matsohong a hae, mme o ne a sa tsebe hobane letlalo la sefahleho sa hae le a kganya, kahobane a ne a buile le Jehova.
30. Mme Aarone le bana ba Iseraele kaofela ha ba tadima Moshe, ba bona letlalo la sefahleho sa hae le kganya, mme ba tshaba ho mo atamela.