13. Le mpe le qhaqhe dialetare tsa bona, le robake ditshwantsho tsa bona, le tlose diashera tsa bona;
14. hobane ha o na ho kgumamela modimo osele, etswe Jehova a bitswa ya boulelang; ke Modimo o boulelang;
15. o se ke wa etsa selekane le baahi ba fatshe leo, esere, ha o feba le medimo ya bona, mme o hlabela medimo ya bona, ba o biletsa ho tla ja nama tsa mahlabelo a bona,
16. mme wa nkela bara ba hao baradi ba bona, yaba baradi ba bona, ka ho feba le medimo ya bona, ba febisa le bara ba lona le medimo ya bona.
17. O se ke wa iketsetsa modimo o tsholotsweng ka tshepe.
18. O ke o boloke mokete wa mahobe a se nang ditomoso: ka matsatsi a supileng o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse, nakong e beilweng ya kgwedi ya Abibe: hobane ke ka kgwedi ya Abibe o tswileng Egepeta.
19. Matsibolo wohle a bana ke a ka, le matsibolo a dikgomo le a dinku tsa mehlape yohle ya hao.
20. O lopolle letsibolo la esele ka konyana; ha o sa le lopolle, o le robe molala. O tla lopolla letsibolo la bara ba hao; hape le se ke la hlaha pela ka le sa tshwara letho.
21. O tla sebetsa matsatsi a tsheletseng, mme o phomole ka letsatsi la bosupa; o phomole jwalo ha ho lengwa, leha ho kotulwa.
22. O etse mokete wa dibeke, e leng wa dilopotsiya tsa kotulo ya koro, le mokete wa kotulo, ha selemo se fela.
23. Ba batona ba lona ba hlahe hararo ka selemo pela Morena Jehova, Modimo wa Iseraele.
24. Hobane ke fela ke tla falatsa ditjhaba pela hao, ke atolose meedi ya hao, mme ha ho motho ya tla lakatsa fatshe la heno, mohla o nyolohang hararo ka selemo, ho ya hlaha pela Jehova, Modimo wa hao.
25. O se ke wa hlahisa madi a sehlabelo sa ka a ena le bohobe bo lomositsweng, mme sehlabelo sa mokete wa Paseka se se ke sa hloha bosiu ho bolokelwa hosasane.
26. O tla tlisa tlung ya Jehova, Modimo wa hao, dilopotsiya tsa dithakangwaha tsa masimo a hao.O se ke wa hladiya potsanyane ka lebese la mma yona.
27. Hape, Jehova a re ho Moshe: Ngola mantswe ana, hobane ke entse selekane le wena le Iseraele ka mantswe ana.
28. Moshe a ba le Jehova matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a sa je bohobe, a sa nwe metsi; a ngola matlapeng mantswe a selekane, e leng mantswe a leshome.
29. Eitse ha Moshe a theoha thabeng ya Sinai, a theoha thabeng a tshwere matlapa a mabedi a bopaki matsohong a hae, mme o ne a sa tsebe hobane letlalo la sefahleho sa hae le a kganya, kahobane a ne a buile le Jehova.
30. Mme Aarone le bana ba Iseraele kaofela ha ba tadima Moshe, ba bona letlalo la sefahleho sa hae le kganya, mme ba tshaba ho mo atamela.
31. Moshe a ba bitsa. Yaba Aarone le marenana wohle a phutheho ba kgutlela ho yena, mme Moshe a bua le bona.