Eksoda 34:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Yaba Jehova o re ho Moshe: O betle matlapa a mabedi a kang a pele, mme ke tla ngola matlapeng mantswe a neng a le matlapeng a pele ao o a bolaileng.

2. O itokise e sa le hosasa, mme o hlwelle thabeng ya Sinai hosasa; o eme teng pela ka, qhoweng ya thaba.

3. Ho se ke ha nyoloha motho le wena; ho se ke ha bonwa motho thabeng yohle; esita le dinku le dikgomo, di se ke tsa tla fula pela thaba ena.

4. Moshe a betla matlapa a mabedi a kang a pele; mme a tsoha e sa le hosasa, a hlwella thabeng ya Sinai, jwalokaha Jehova a ne a mo laetse, a ya a nkile matlapa a mabedi matsohong a hae.

5. Yaba Jehova o theohela lerung, a ema teng le yena, a bolela lebitso la Jehova.

6. Jehova a feta pela hae, a re: Ke nna Jehova, Jehova, Modimo o mohau, o lereko, o diehang ho halefa, o tletseng mohau le nnete,

7. o hauhelang meloko e dikete, o tshwarelang motho bokgopo le boikgantsho le sebe, o sa latoleng molato wa motho ya nang le wona, o otlang bana le ditloholo ho isa lelokong la boraro le la bone ka baka la bokgopo ba bontata bona.

8. Moshe a phakisa a inamela fatshe, a kgumama,

9. a re: Morena, ha ke fela ke bone mohau ho wena, Morena a ke a tsamaye hle le rona. Ho jwalo ruri, ke setjhaba se melala e sataletseng; o mpe o re tshwarele makgopo a rona le dibe tsa rona, mme o re nke, re be lefa la hao.

10. Jehova a araba, a re: Bona, ke hlaba selekane; ke tla etsa, pontsheng ya setjhaba sa hao kaofela, mehlolo e sa kang ya etswa kae le kae lefatsheng, leha e le tjhabeng sefe le sefe; setjhaba sohle seo o leng hara sona, se tla bona mosebetsi wa Jehova oo ke tla o sebetsa ka wena, hoba ke o tshabehang hakakang.

11. Seo ke o laelang sona kajeno o se ele hloko; bona, ke se ke tla leleka pela hao Baamore, le Bakanana, le Bahethe, le Baferese, le Bahefe, le Bajebuse.

Eksoda 34