Eksoda 33:12-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Yaba Moshe o re ho Jehova: Bona, o itse ho nna: Tsamaisa setjhaba sena, empa ha o a ka wa ntsebisa eo o tla mo roma ho ya le nna, leha o fela o itse: Ke o tseba ka lebitso la hao, o bile o bone mohau ho nna.

13. Jwale hle, ha ekaba ke bone mohau ho wena, o tle o ntsebise le ditsela tsa hao, ke tle ke o tsebe, ke fele ke bone mohau ho wena; mme o bone hoba tjhaba sena ke setjhaba sa hao.

14. Jehova a re: Sefahleho sa ka se tla ya, mme ke tla o phomotsa.

15. Moshe a re ho yena: Ha sefahleho sa hao se sa ye le rona, o se ke wa re tlosa mona.

16. Ho tla tsejwa kang hoba ke bone mohau ho wena, nna le setjhaba sa hao?

17. Ha ke re, ke ha o ka tsamaya le rona, hore, nna le setjhaba sa hao re tle re kgethehe ho ditjhaba tsohle tse lefatsheng?

18. Jehova a re ho Moshe: Ke tla etsa le seo o se boletseng, hobane o bone mohau ho nna, mme ke o tsebile ka lebitso la hao. Moshe a re: Ako mpontshe sefahleho sa hao.

19. Jehova a re: Ke tla fetisa molemo wohle wa ka pontsheng ya hao; ke bolele lebitso la Jehova pela hao; ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke rekolohele eo ke mo rekolohelang.

20. Hape a re: O ke ke wa bona sefahlelo sa ka, hobane ha ho motho ya ka mponang, mme a phela.

21. Jehova a boela a re: Bona, ho na le sebaka se seng pela ka; o tla ema lefikeng.

22. Etlare ha kganya ya ka e feta, ke tla o kenya lefarung la lefika, ke o kgurumetse ka letsoho la ka, ho fihlela ke ba ke feta.

Eksoda 33