Eksoda 30:12-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Etlare ha o bala bana ba Iseraele ho tseba palo ya bona, e mong le e mong a tle a ntshetse moya wa hae topollo, pela Jehova, mohla ba balwang, hore ba se ke ba welwa ke bolwetse, mohla ba balwang.

13. Bohle ba balwang ba tla ntsha hona: ba ntshe halofo ya shekele (ka ho ya ka shekele ya sehalalelo, e leng shekele e nang le gera tse mashome a mabedi), ke re, halofo ya shekele, e be kabelo e abelwang Jehova.

14. Mang le mang ya balwang, ho tloha ho ya dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele, o tla ntsha kabelo e abelwang Jehova.

15. Morui a se ke a eketsa, mme mofutsana a se ke a fokotsa halofo ya shekele ka letho, ha ho ntshwa kabelo e newang Jehova, ho etsa topollo ya meya ya lona.

16. O nke tjhelete tsa topollo tse ntshwang ke bana ba Iseraele, o di ntshetse tshebeletso ya tente ya pokano; e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele pela Jehova, ha ho etsetswa meya ya lona topollo.

17. Jehova a boela a bolella Moshe, a re:

18. O etse morifi wa koporo o nang le sedulwana sa koporo ho itlhatswetsa ho wona, o o bee mahareng a tente ya pokano le aletare; o tshele metsi,

Eksoda 30