3. Moshe a re: A nke ke fapohele, ke shebe pono ena e kgolo, ke tle ke bone hore ke ka baka lang ha sehlahla se sa tjhe.
4. Eitse ha Jehova a bona hobane o fapoha ho tla sheba, Modimo wa mmitsa o le hara sehlahla, wa re: Moshe! Moshe! A re: Ke nna enwa.
5. Wa re: O se ke wa atamela mona; rola meqathatso ya hao maotong a hao, hobane nqalo eo o emeng ho yona ke mobu o halalelang.
6. Yaba o re: Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o ipata sefahleho, kahobane o tshaba ho tadima Modimo.
7. Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.
8. Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.
9. Mme jwale, ke mona mohoo wa bana ba Iseraele o fihlile ho nna, ke bile ke bone le ho tuba hoo Baegepeta ba ba tubang ka hona.
10. Tloo he jwale, ke o rome ho Faro, mme setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, o ba ntshe Egepeta.
11. Moshe a re ho Modimo: A nna ke mang, nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele Egepeta?
12. Wa re: Ke tla ba le wena, mme pontsho ya hobane ke nna ke o romang, e tla ba ena: Mohla o ntshang setjhaba Egepeta, le tla tla sebeletsa Modimo hodima thaba ena.
13. Moshe a re ho Modimo: Bona, ke tla ya ho bana ba Iseraele, mme ke tla re ho bona: Modimo wa bontata lona o nthomile ho lona; etlare ha ba re ho nna: Lebitso la wona ke mang? ke tla reng ho bona?