Eksoda 3:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Moshe a nna a alosa manku a Jethro mohwehadi wa hae, moprista wa Midiane; mme a isa mohlape kapele ho lefeella, a fihla thabeng ya Modimo, Horebe.

2. Yaba lengeloi la Jehova le itlhahisa ho yena, kgabong ya mollo, kahare ho sehlahla, mme ha a tadima, a bona sehlahla se tuka ke mollo, empa se sa tjhe.

3. Moshe a re: A nke ke fapohele, ke shebe pono ena e kgolo, ke tle ke bone hore ke ka baka lang ha sehlahla se sa tjhe.

4. Eitse ha Jehova a bona hobane o fapoha ho tla sheba, Modimo wa mmitsa o le hara sehlahla, wa re: Moshe! Moshe! A re: Ke nna enwa.

5. Wa re: O se ke wa atamela mona; rola meqathatso ya hao maotong a hao, hobane nqalo eo o emeng ho yona ke mobu o halalelang.

6. Yaba o re: Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o ipata sefahleho, kahobane o tshaba ho tadima Modimo.

7. Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.

8. Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.

9. Mme jwale, ke mona mohoo wa bana ba Iseraele o fihlile ho nna, ke bile ke bone le ho tuba hoo Baegepeta ba ba tubang ka hona.

Eksoda 3