33. ba je tseo pheko e entsweng ka tsona ho ba kgethela tshebeletso, le ho ba hlwekisa; di se ke tsa jewa ke moditjhaba, hobane ke ntho tse kgethehileng.
34. Leha ho ka salla hosasane nama e nngwe ya kgethelo, le bohobe bo bong, ho setseng o tla ho tjhesa; ho se ke ha jewa, hobane ho kgethehile.
35. O tla etsetsa Aarone le bara ba hae jwalo, o ye ka tsohle tseo ke o laetseng tsona, o tle o ba kgethele tshebeletso ka tshiu tse supileng.
36. Hape, ka tsatsi le leng le le leng, o tla hlaba poho ya sehlabelo sa sebe ho etsa pheko; o tla hlwekisa aletare ka ho e etsetsa pheko, o e tlotse hore o tle o e kgethele tshebeletso.
37. Ka ditshiu tse supileng, o tla etsetsa aletare pheko, o be o e kgethele tshebeletso, mme aletare e tla ba ntho e kgethehileng haholo; eng le eng e ka amang aletare e kgethehile.
38. Tseo o tla di hlabela aletareng ke konyana tse pedi tse lemo se le seng, ka tsatsi le leng le le leng, kamehla yohle.
39. Konyana e nngwe o tla e hlaba hosasa, konyana ya bobedi o e hlabe mantsiboya;
40. o hlahise konyana e nngwe le e nngwe e na le tekanyo ya leshome ya phofo e sefilweng, e dubilweng tekanyong ya bone ya hine ya ole e hlwekileng, le tshelo ya karolo ya bone ya hine ya veine.
41. Konyana ya bobedi o tla e hlaba mantsiboya; o e hlahise e na le nyehelo le tshelo, jwaloka ya hosasa, e tle e be monko o monate le sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.
42. E tla ba sona setjheso sa kamehla sa meloko yohle ya lona, se hlahiswang monyako wa tente ya pokano pela Jehova, moo ke tla teana le lona, hore ke tle ke bue le wena teng.
43. Ke tla teana teng le bana ba Iseraele, mme tente e tla kgetheha ka kganya ya ka;
44. ke tla kgetha tente ya pokano le aletare, ke kgethe le Aarone le bara ba hae, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.
45. Ke tla aha hara bana ba Iseraele, ke be Modimo wa bona;