Eksoda 29:29-42 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Diaparo tse kgethehileng tsa Aarone e tla ba tsa bara ba hae, ha a se a le siyo, hore ba tle ba di apare mohla ba tlotswang, le mohla ba kgethelwang boprista.

30. Mora wa hae, eo e tla ba moprista tulong tsa hae, ya tla kena tenteng ya pokano ho etsa tsa tshebeletso sehalalelong, o tla di apara ka tshiu tse supileng.

31. O tla nka pheleu ya peo, o apehe nama ya yona nqalong e halalelang;

32. Aarone le bara ba hae ba tla ja nama ya pheleu le bohobe bo leng serotong, monyako wa tente ya pokano;

33. ba je tseo pheko e entsweng ka tsona ho ba kgethela tshebeletso, le ho ba hlwekisa; di se ke tsa jewa ke moditjhaba, hobane ke ntho tse kgethehileng.

34. Leha ho ka salla hosasane nama e nngwe ya kgethelo, le bohobe bo bong, ho setseng o tla ho tjhesa; ho se ke ha jewa, hobane ho kgethehile.

35. O tla etsetsa Aarone le bara ba hae jwalo, o ye ka tsohle tseo ke o laetseng tsona, o tle o ba kgethele tshebeletso ka tshiu tse supileng.

36. Hape, ka tsatsi le leng le le leng, o tla hlaba poho ya sehlabelo sa sebe ho etsa pheko; o tla hlwekisa aletare ka ho e etsetsa pheko, o e tlotse hore o tle o e kgethele tshebeletso.

37. Ka ditshiu tse supileng, o tla etsetsa aletare pheko, o be o e kgethele tshebeletso, mme aletare e tla ba ntho e kgethehileng haholo; eng le eng e ka amang aletare e kgethehile.

38. Tseo o tla di hlabela aletareng ke konyana tse pedi tse lemo se le seng, ka tsatsi le leng le le leng, kamehla yohle.

39. Konyana e nngwe o tla e hlaba hosasa, konyana ya bobedi o e hlabe mantsiboya;

40. o hlahise konyana e nngwe le e nngwe e na le tekanyo ya leshome ya phofo e sefilweng, e dubilweng tekanyong ya bone ya hine ya ole e hlwekileng, le tshelo ya karolo ya bone ya hine ya veine.

41. Konyana ya bobedi o tla e hlaba mantsiboya; o e hlahise e na le nyehelo le tshelo, jwaloka ya hosasa, e tle e be monko o monate le sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.

42. E tla ba sona setjheso sa kamehla sa meloko yohle ya lona, se hlahiswang monyako wa tente ya pokano pela Jehova, moo ke tla teana le lona, hore ke tle ke bue le wena teng.

Eksoda 29