Eksoda 29:26-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

26. O tla nka sefuba sa pheleu ya peo ya Aarone, mme o tla se tsokotsa pela Jehova, e le seabelo se tsokotswang; etlaba seabo sa hao.

27. O kgethe sefuba sa seabelo se tsokotswang le letsoho la hlokolo, e leng se tsokoditsweng le se hlokotsweng sa pheleu ya peo, sa ya Aarone le sa ya bara ba hae.

28. Hoo ho Aarone le bara ba hae e tla ba kabelo ya kamehla hara bana ba Iseraele; hobane ke seabelo sa hlokolo; seabelo sa hlokolo se tla ba teng sa bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho. Seabelo sa bona sa hlokolo e tla ba sa Jehova.

29. Diaparo tse kgethehileng tsa Aarone e tla ba tsa bara ba hae, ha a se a le siyo, hore ba tle ba di apare mohla ba tlotswang, le mohla ba kgethelwang boprista.

30. Mora wa hae, eo e tla ba moprista tulong tsa hae, ya tla kena tenteng ya pokano ho etsa tsa tshebeletso sehalalelong, o tla di apara ka tshiu tse supileng.

31. O tla nka pheleu ya peo, o apehe nama ya yona nqalong e halalelang;

32. Aarone le bara ba hae ba tla ja nama ya pheleu le bohobe bo leng serotong, monyako wa tente ya pokano;

33. ba je tseo pheko e entsweng ka tsona ho ba kgethela tshebeletso, le ho ba hlwekisa; di se ke tsa jewa ke moditjhaba, hobane ke ntho tse kgethehileng.

34. Leha ho ka salla hosasane nama e nngwe ya kgethelo, le bohobe bo bong, ho setseng o tla ho tjhesa; ho se ke ha jewa, hobane ho kgethehile.

Eksoda 29