Eksoda 29:23-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. le polokwe, le senkgwa se dubilweng ka ole, le leqebekwane, o di ntshe serotong sa mahobe a sa lomoswang se dutseng pela Jehova;

24. o di bee kaofela ha tsona diatleng tsa Aarone, le diatleng tsa bara ba hae, mme o di tsokotse pela Jehova, e le seabelo se tsokotswang;

25. o ntoo di tlosa matsohong a bona, mme o di tjheseletse aletareng, setjhesong, e be monko o monate pela Jehova; ke sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.

26. O tla nka sefuba sa pheleu ya peo ya Aarone, mme o tla se tsokotsa pela Jehova, e le seabelo se tsokotswang; etlaba seabo sa hao.

27. O kgethe sefuba sa seabelo se tsokotswang le letsoho la hlokolo, e leng se tsokoditsweng le se hlokotsweng sa pheleu ya peo, sa ya Aarone le sa ya bara ba hae.

28. Hoo ho Aarone le bara ba hae e tla ba kabelo ya kamehla hara bana ba Iseraele; hobane ke seabelo sa hlokolo; seabelo sa hlokolo se tla ba teng sa bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho. Seabelo sa bona sa hlokolo e tla ba sa Jehova.

29. Diaparo tse kgethehileng tsa Aarone e tla ba tsa bara ba hae, ha a se a le siyo, hore ba tle ba di apare mohla ba tlotswang, le mohla ba kgethelwang boprista.

30. Mora wa hae, eo e tla ba moprista tulong tsa hae, ya tla kena tenteng ya pokano ho etsa tsa tshebeletso sehalalelong, o tla di apara ka tshiu tse supileng.

31. O tla nka pheleu ya peo, o apehe nama ya yona nqalong e halalelang;

Eksoda 29