Eksoda 29:20-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. o hlabe pheleu, o nke madi, mme ka wona o tlotse ntlha ya tsebe e tona ya Aarone, le dintlha tsa tsebe tse tona tsa bara ba hae, le menwana e metona ya matsoho a bona a matona, le menwana e metona ya maoto a bona a matona; madi a mang o a tshollele aletareng ka nqa tsohle.

21. O ntoo nka madi a aletareng, le ole ya setlolo; o fafatse Aarone le diaparo tsa hae, le bara ba hae le diaparo tsa bona, hammoho le yena; etlaba o kgethehile, yena le diaparo tsa hae, hammoho le bara ba hae le diaparo tsa bona.

22. O tla nka mafura a pheleu, le mohatla, le mafura a apesang mala, le maapara a hodima sebete, le diphio tse pedi, le mafura a tsona, le letsoho le letona (hobane ke pheleu ya peo),

23. le polokwe, le senkgwa se dubilweng ka ole, le leqebekwane, o di ntshe serotong sa mahobe a sa lomoswang se dutseng pela Jehova;

24. o di bee kaofela ha tsona diatleng tsa Aarone, le diatleng tsa bara ba hae, mme o di tsokotse pela Jehova, e le seabelo se tsokotswang;

Eksoda 29