Eksoda 29:1-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ha o ba kgetha, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka, o tla etsa ka mokgwa ona:

2. O nke pohwana le dipheleu tse pedi tse hlokang sekodi, le bohobe bo sa lomoswang, le dinkgwana tse se nang ditomoso, tse dubilweng ka ole, le maqebekwane a se nang ditomoso, a tlotsitwseng ka ole; o tle o di etse ka phofo e sefilweng ya koro;

3. o di kenye serotong, mme o di hlahise ka seroto, hammoho le pohwana le dipheleu tse pedi.

4. O ntoo atametsa Aarone le bara ba hae pela monyako wa tente ya pokano, o ba hlatswe ka metsi.

5. O tla nka diaparo, o apese Aarone kojwana, le kobo ya efoda, le efoda, le mokgajwana oo o tla o tlama hodima hae ka senyepa sa efoda;

6. o ntoo mo rwesa moqhwele hloohong, mme moqhweleng o bee lebenyane le kgethehileng.

7. O tla nka ole ya setlolo, o e tshollele hloohong ya hae, mme o mo tlotse jwalo.

8. Le bara ba hae o tla ba atametsa, o ba apese dikojwana;

9. o ntoo tlama Aarone le bara ba hae ka dinyepa, o ba rwese dikatiba; boprista e tla ba ba bona ka taelo ya kamehla, mme o kgethe Aarone le bara ba hae jwalo.

10. O atametse pohwana pela tente ya pokano, mme Aarone le bara ba hae ba tla bea matsoho a bona hloohong ya poho;

11. o ntoo hlaba poho pela Jehova, monyako wa tente ya pokano.

12. O nke madi a poho o a bee manakeng a aletare ka monwana; madi a mang kaofela o a tshollele fatshe pela aletare.

13. O ntoo nka mafura wohle a apesang mala, le maapara a hodima sebete, le diphio tse pedi, le mafura a tsona; o di tjheseletse aletareng.

Eksoda 29