Eksoda 26:6-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. O ntoo etsa dikgoketsane tsa kgauta tse mashome a mahlano, mme o tle o kopanye masela hammoho ka dikgoketsane tseo, tabernakele e tle e be ntho e le nngwe feela.

7. O tlo o etse masela a boya ba podi ho etsa tente ya tabernakele; o tle o etse masela a jwalo a leshome le motso o mong.

8. Bolelele ba lesela e be ditswe tse mashome a mararo, bophara ba lona e be tswe tse nne; masela a leshome le motso o mong a etswe ka tekanyo e le nngwe.

9. O ke o rokelle masela a mahlano ka nqe nngwe, le masela a tsheletseng ka hosele, mme o menahanye lesela la botshelela kapele ho tente.

10. O tla bea mahokelo a mashome a mahlano mophethong wa lesela le ntlheng ya masela a rokeletsweng hammoho, le mahokelo a mashome a mahlano mophethong wa lesela le ntlheng ya a mang a rokeletsweng hammoho.

Eksoda 26